Jo, Sebe Se Sa Hlakoheng
1. Jo, sebe se sa hlakoheng, Se re qamachelang, Sesila se re pharileng, Se ka tlosoa ke mang? Ha se hola, se mpodisa, Ke hlotswe, se hanne. Ke mang ya ntsokodisang, Le 'na ke be motle?
2. Sefapanong sa Golgotha, Bonang, diba se teng; Ke madi a thata-thata, A re tsholohetseng. Diba sena sa bophelo, 'Na, ke se fihletse; Se matla, se tlosa joalo Dibe tsa lefatshe.
3. Tlong ho sona, lona bohle Badibe ba kang 'na; Le hlatsuwe, le be batle; Lea bitsoa le lona. Hammoho hle, re tumiseng Madi a topollo, A bonetseng ba timetseng Tshoarelo le hlweko.
About this hymn
Sefela 343, “Jo, Sebe Se Sa Hlakoheng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line “1. Jo, sebe se sa hlakoheng,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 340Ha O Jala E Sa Le Meso
- 341Lekholo La Dinku
- 342O Mohau Wa Modimo
- 344Lehae Le Letle
- 345Ntate, Lerato La Hao
- 346Lekunutung Le Morena
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play