Ha O Jala E Sa Le Meso
1. Ha o jala e sa le meso, U jala motshear'o moholo, U jala e sa le hosasa, U sa phetse le mantsiboya, Kotulo e'a ba kakaang! (bis)
Tse jadiloeng leseding, lefifing Ka phokolo, ka matla a tletseng, Di tla ba jwang mohla di kotulwang?
2. Ha o jala le ka tumelo, Ha o jala ka mehla, kahohle, U sa tshabe le mokhathala, U ntse o jala peo e ntle, Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jadiloeng leseding,...
3. Ha o jala le ka tumelo, U ntse o nosetsa ka thapelo, Dinyedisong le mahlomoleng, U tla khora ka nako ya teng. Kotulo e'a ba kakaang!
Tse jadiloeng leseding,...
4. Ha o ka jala ka bowatla, Ditshebo, diphapang, le bothata, U jala o sa hlokomele, Ka ho swaswa le ka bohale, Kotulo ya ba kakaang!
Tse jadiloeng leseding,...
5. Ha o jala tse bohloko, Tse khelosang, tse timetsang batho, Tsa lebitso le senyehileng, U jala dihlong tse sa feleng, Kotulo e'a ba!
Tse jadiloeng leseding,...
6. Tse molemo di jale jwale, Ka dipuo le diketso tse ntle; Leha e ka ba ka meokho; Jala, o tla kotula thabo. Kotulo ya ba kakaang!
Tse jadiloeng leseding,...
About this hymn
Sefela 340, “Ha O Jala E Sa Le Meso”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 12 stanzas and opens with the line “1. Ha o jala e sa le meso,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 337Thabang Le Nyakalle
- 338Ka Hlahlathela Feelleng
- 339Ke Bodiba Bo Bilohang
- 341Lekholo La Dinku
- 342O Mohau Wa Modimo
- 343Jo, Sebe Se Sa Hlakoheng
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play