Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 346

Lekunutung Le Morena

100%

1. Lekunutung le Morena, O, homonate hakaakang! Ke buisana le yena, Kamoo pelong ke ikutloang. Ke 'molelle ditsietsi Tse nkhathatsang tsa lefatshe, Ke role tsohle tse ho 'na, Lekunutung le Morena.

2. Lekunutung le Morena Ke fumane setshabelo. Ke phemela teng mamena, Diqhafutso le meleko. Leha sera se bohale, Se ntlohela, se balehe, Ha se nkoela, se mphumana Lekunutung le Morena.

3. Lekunutung le Morena. Ho 'na ke lehlohonolo; Ha ke bua, oa mamela, O nkaraba ka lerato. Ha ke 'matla sefahleho, Ka pelong ho tlala thabo; Ke monyaka, ha ke kena Lekunutung le Morena

4. Lekunutung le Morena, Hoja nka bat eng ka mehla, Ka mamela, ka mo boha, Ka utloa ke khatholoha! Ke khora khotso ea 'nete, Ha ke buisoa ke Ntate, Ke ntse ke dumelloa le 'na Lekunutung le Morena

About this hymn

Sefela 346, “Lekunutung Le Morena”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Lekunutung le Morena,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play