Ka Hlahlathela Feelleng
1. Ka hlahlathela feelleng halelele, Ke sa na modimo, ke se na tshepo; Ho le lefifi, nyora le nkhamile, Ke tsietswe, ke shwele ke sekoboto.
Jwale ke bone sediba sa 'nete, Sediba se maphodi, se monate.
2. Har'a dikaka tsa dibataolo Ka 'na ka cheka, ka hlora hakaakang! Ke batla metsi, empa ho se letho. Jo, ke lehlabathe fela le monyelang!
Jwale, ke bone sediba sa 'nete…
3. Makhatheng a ho shwa, ka utlwa lentswe Le re: wena ya nyorileng tlo metseng! Ha ke tadima, ka bona moroeroe: Ke Jesu! A mpitsa a eme sedibeng.
Jwale, ke bone sediba sa 'nete…
4. Ahe, ke ya o boka, Jesu wa ka, Ke le madibeng a mahlohonolo! Ke hlaphohile, ke tsoha molota; Kajeno ke ruile khotso, nyakallo.
Jwale, ke bone sediba sa 'nete…
About this hymn
Sefela 338, “Ka Hlahlathela Feelleng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “1. Ka hlahlathela feelleng halelele,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 335Phallang, Le Phallele
- 336Modimo O Re Ratile
- 337Thabang Le Nyakalle
- 339Ke Bodiba Bo Bilohang
- 340Ha O Jala E Sa Le Meso
- 341Lekholo La Dinku
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play