Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 337

Thabang Le Nyakalle

100%

1. Thabang le nyakalle, ba le hodimo, Le thabele baetsadibe; Ke ba tswang lefifing, ba tswa timelong, Ba thabeleng, ba phonyohile.

Bokang, le rorise modimo, Bokang le lerato la Jesu; Tumisang ka pina tsa khalalelo Mohlolo ona wa mohau.

2. Thabang le nyakalle, ba le hodimong, Baphaphathehi ba khutlile; Ba tla ba fokotse, bat la ka dihlong, Le teng, thabang, ha ba fihlile.

Bokang le rorise modimo…

3. Thabang le nyakalle, ba le hodimong, Ho fentse lerato la Jesu; Baikhohomosi ba tlile khotsong, Ba mo ananetse ka pelo

Bokang le rorise modimo…

4. E, pel'a modimo, thabo e kakaang! Badibe ba tliswa ke Jesu; Ba akiloe ke ntate ya ba ratang, Le bona ba bone mohau.

Bokang le rorise modimo…

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play