Phallang, Le Phallele
1. Phallang, le phallele Baetsadibe; Phallelang batho ba yang timelong; Yang ho balahlehi, Hlabang mokhosi, Ba khanneleng ho Jesu, bophelong.
Phallang, ba phalleleng, E-reng ho bohle Jesu o mohau, O mohau
2. Llelang bafokodi Le bakhelohi; Le 'ne le ba hlomohele pelo. Hlong le ba qophelle, Le ba rapelle; Le ba llele maotong a Jesu.
Phallang, ba phalleleng…
3. Leha ba le hole, Ba lahlehile, Jesu eena o sa nts'a ba rata. Etsang ka pheello Le ka lerato; Le re Jesu o ba lebeletse.
Phallang, ba phalleleng…
4. Tswalo ha le le teng, Ba lla sephiring, Se phakiseng la fellwa ke tshepo. tshabang ho dieha; Nako dia ya, Ba ka tima moya wa modimo.
Phallang, ba phalleleng…
5. Leha ba khathetse 'Me ba fokotse, Ba qekeng ka mosa, ka sebete. Bana ba mahlaswa, Ba shwang ke tlala, Ba lateng, batle khoreng ha ntate,
Phallang, ba phalleleng…
6. Utlwang hle taelo; Yang ka cheseho; Se tepelleng, le tshepe morena. Le ee ka thapelo Le ka tumelo; Le tla putswa ka bona le lona.
Phallang, ba phalleleng…
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play