Modimo O Re Ratile
1. Modimo o re ratile, Rona dikhwahlapa, Dira tsa hae tsa sebele, Mehlaka-follela.
Jo, le hlolla hakaakang, Rato le lekalo! Le sa khetseng mang kapa mang, Rato la modimo!
2. Mohla o rerang topollo, Menono kaofela Ya mafatshe, ya mebuso, E bile lefela.
Jo, le hlolla hakaakang…
3. Khanya, bongata, le hloeko Tsa ba lehodimong Ha di bape le topollo Ya motho a le mong.
Jo, le hlolla hakaakang…
4 E,ke eena ka sebele Mor'a hao a 'notshi Ya tsoileng, eseng osele, Ho shwela lefatshe.
Jo, le hlolla hakaakang…
5 Jo, khale le phethehile Rato le mohlolo! Madi a hae a lefile, Re na le topollo.
Jo, le hlolla hakaakang…
6. Ana ke ka o rata jwang, Ke o boke, ke re'ng, O, mong'a ka ya ratehang, Uen'a ntopolotseng?
Jo, le hlolla hakaakang…
7. Kea imelwa pelong ya ka, Ke lliswa ke thabo. Ahe, ahe, ke ya boka, Jesu ya lerato!
Jo, le hlolla hakaakang…
About this hymn
Sefela 336, “Modimo O Re Ratile”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 14 stanzas and opens with the line “1. Modimo o re ratile,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 334Ke Fumane Bofihla
- 334Ke Fumane Bofihla
- 335Phallang, Le Phallele
- 337Thabang Le Nyakalle
- 338Ka Hlahlathela Feelleng
- 339Ke Bodiba Bo Bilohang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play