Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 97

Ke lesitsi, ke tla fela

100%

1. Ke lesitsi, ke tla fela, Ka lefuma ke tla ngosa; Ha o mpitsa, ka dumela, Konyana ya Modimo!

2. Ke mohloki, ke tla fela, Ke tliswa ke dibe tsa ka; Pheko ya tsona ke wena, Konyana ya Modimo!

3. Ke thethetswe, ke tla fela. Le matswalo a bohloko, Ho kopane le ho tshaba, Konyana ya Modimo!

4. Ke molapi, ke tla fela Ke tlile khoreng ho wena; A ke apeswe ho loka, Konyana ya Modimo!

5. Ka teboho ke tla fela, Rato la hao le ya 'makatsa; Ha ke falla, ke tla bona Konyana ya Modimo!

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play