Bofumanehing ba ka
1. Bofumanehing ba ka Ke tla bitsa ho mang? Ke bake le ho baka; Ke mobe hakaakang! Modimo wa letlotlo, Na ke mang lefatsheng Ya ka nqobelang kotlo, (ter) Kotlo tse ntswanetseng?
2. Ke 'na mor'a timelo; Tlaleng ke lapela Bohobe ba bophelo Bo leng ho morena. Fetoha, moya wa ka, U lebe ho Ntate; U kene ho bahlanka (ter) Ba khorang monate.
3. Thabo e teng ho bohle Ba boneng Moreneng Seaparo sa botle Sa ba lopolotsweng. Efela ke mothabi Ya ka khatholohang Sefubeng sa 'Moloki, (ter) Le baa a ba ratang.
About this hymn
Sefela 94, “Bofumanehing ba ka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line “1. Bofumanehing ba ka”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 91Re rata ha re ka bona
- 92Dibe tsena tsa ka
- 93Khalefo ya hao Morena
- 95A re tshabeng tsela e mpe
- 96Ke tla tsoha
- 97Ke lesitsi, ke tla fela
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play