Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 95

A re tshabeng tsela e mpe

100%

1. A re tshabeng tsela e mpe, E tsamauwang ke ba babe, E ba isang tahlehong; A re keng re ba furalle, Le mekhwa ya bona eohle E hanwang lehodimong. Bana beso, E be Jesu, Re mo utlwang, Re mo ratang Ka dipelo tse chesehang.

2. Ke een'a re lopolotseng, yena fela ya re shwetseng, Re fihlele tshwarelo. Re mohlape o baballwang, Re dinku tsee a didisang, Tse disetswang Modimo. Bana beso, Re mo utlwang, Re mo ratang Ka dipelo tse chesehang.

3. Hase lerato le batang, Ke lerato le chesehang, Le mo isitseng lefung; Madi a hae a lefile, Rato la hae ale latile Dineo lehodimong. Bana beso, E be Jesu Re mo utlwang, Re mo ratang Ka dipelo tse chesehang.

About this hymn

Sefela 95, “A re tshabeng tsela e mpe”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. A re tshabeng tsela e mpe,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play