Re rata ha re ka bona
1. Re rata ha re ka bona Jesu, letsatsi la rona; Taba tsa hae ke leseli Le lelekisang lefifi.
2. Re khelohile hakaakang! Re tla botsa tsela ho mang? Tsela ea 'nete ke Jesu; Tlong, a re 'matleng, baheso.
3. Baitšepi ba lahleha, Ba leng boi ba teneha; Ha ho bohlale ho batho, Le matla a sieo koano.
4. Ea sa rateng ho timela A latele Jesu fela; A se ke a tšaba letho, A hlobohe tsa bokhopo.
5. Leha batho ba mo tšoenya, Ha ba ka ke ba mo senya; Jesu a ka tlohela joang Bana ba hae ba mo ratang?
6. Ea itšepetseng Morena O tla pholosoa ke yena; O tla kena leholimong, A lule lehlohonolong.
7. Jesu, 'Moloki e motle, Tlosa ho 'na libe tsohle; Ke fetohe ka tumelo, Ke itšabise timelo!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play