Ke Tla Bona Kae Tumelo
1. Ke tla bona kae tumelo, Sebele-bele sa eona, E sa tsebeng palaelo, Ho tepella le ho sitwa?
2. Tumelo e hatakelang Maswabi le ditsietsi, E hlolang, e phahamelang Mahlomola a lefatshe.
3. Tumelo e ka fihlelang Teroneng ya dihodimo, Tsoho le matla, le busang, Le letona la Modimo.
4. Oho, ke llela tumelo E ripitlang le dithaba, E sa makaleng ka letho, E khomaretseng Morena.
5. Leha e le hlakunyana Ya tumelo ya sebele U mphe, oho, mphe Morena, ke ya hloka, mphe kapele!
About this hymn
Sefela 409, “Ke Tla Bona Kae Tumelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Ke tla bona kae tumelo,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 406Lehodimong, Hae Le Letle
- 407Wa Nkalosa Ho Ntekane
- 408Tumelo Ke Na Le Yona
- 410Jo 'Na Lefifi Le Letsho
- 411Bokang Moloki
- 412Nyakallang Bohle
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play