Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 411

Bokang Moloki

100%

1. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu, Rato la hae, tlong, le le tumiseng. Mahodimong, mafatsheng e be sehou Se mo bokang, sa pelo di le ding! O molemo, o lerato hakaakang! O boloka bohle bam o tshepang. Amohelang dithoko tsa mangeloi, Ho mo tlotlisa, Jesu 'Moloki!

2. Bokang, bokang 'Moloki wa rona Jesu, Ke konyana e hlabetsweng rona. Sefapanong, ka madi a hae le lefu, O phetile topollo ya rona. Molahluwa ya neng a khotshe dihlong, Jwale ke Morena lehodimong. 'Mokeng, 'mokeng! Ke tshepo, thabo ya rona, Sehlabelo, 'Moloki, Morena.

3. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu, Le tumiseng mohale ya fentseng! Ka lebitleng o hlotse matla a lefu, A nyedisa bo-Satane pontsheng. O n'a shwele, jwale ke ya phedileng, 'Me o phela ka mehla le mehleng. 'Mokeng, 'mokeng, lona, bana ba topollo, Mo tumiseng hohle ka nyakallo!

4. Bokang, bokang 'Moloki wa rona, Jesu, Mahodimong, hlamohang ka thabo! Ke Morena, boning 'Moloki wa batho; Duluetsang, binang ka nyakallo! Mangeloi, emang matlotlosiea, Ha le boha Morena wa khanya; Le re tlatseng, re mo fapheng ka dithoko, Molopoldi, Mora wa Modimo.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play