Wa Nkalosa Ho Ntekane
1. Wa nkalosa: ho ntekane; Tisong ya hae ke ya phela. Ka mosa, ka bokhabane, Jesu o nts'a ntlhokomela. E, e, Jesu ka sebele O 'nenesa ka letsoho; Ke een'a nketellang pele, Ya nkalosang ka lerato.
2. Wa nkalosa: na nka tshaba'ng, Ke belaele ka dife, Ha modisa ya nkalosang A le molemo hakale? E, e, Jesu ka sebele …
3. Wa nkalosa: taba tsa me Ke een'a di tsebisisang; Nka tsielwa, ke sa bone, Empa ke een'a nkalosang. E, e, Jesu ka sebele …
4. Wa nkalosa: ha se motho Ya robalang, a lebale; Motsheare le bosiu, O ntisa a ntadimile. E, e, Jesu ka sebele …
5. Wa nkalosa ka sebete, Ha ke le ntho e sarelwang, A ntsose, a ntlheke butle Ka paballo e makatsang. E, e, Jesu ka sebele …
6. Wa nkalosa: ho ntekane; Ha a khaohane le 'na. O tla ntshedisa Jordane, A mphihlise hae, Kanana. E, e, Jesu ka sebele …
7. 'Me didibeng tsa bophelo, Menyakeng e sa boleloeng, Ya tla ntisa ka lerato Ke yena ka ho sa feleng. E, e, Jesu ka sebele …
About this hymn
Sefela 407, “Wa Nkalosa Ho Ntekane”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Wa nkalosa: ho ntekane;”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 404Jesu A Shwa Me A Tsoha
- 405Ka Dinako TsohleAt All Times
- 406Lehodimong, Hae Le Letle
- 408Tumelo Ke Na Le Yona
- 409Ke Tla Bona Kae Tumelo
- 410Jo 'Na Lefifi Le Letsho
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play