Wena Jesu Wena Fela
1. Wena, Jesu, wena fela, Wena eo ke mo ratang, Ke ya o laba-labela, Na ke tla o bona jwang?
Wena, Jesu fela, Wena, 'Moloki wa ka.
2. Wena, Jesu, wena fela, Ha ho thabo e kalo, Ha nka re, o Jesu wa ka, 'Me le 'na ke le wa hao!
Wena, Jesu fela, …
3. Wena, Jesu, wena fela, U nkhodisisa pelo; Tsohle tse ding ke lefela, Ha nka o rua, Jesu.
Wena, Jesu fela, …
4. Wena, Jesu, wena fela Lefatsheng lehodimong, Har'a ba batle kaofela, Che, ha ke tsebe e mong.
Wena, Jesu fela, …
5. Wena, Jesu, wena fela, Ke iteletse ruri; Ho shwa ha ka le ho phela Ke tsa hao, o di rere.
Wena, Jesu fela, …
6. Wena, Jesu, wena fela, Wena ka bosafeleng, Jesu, ke tla o phelela, Ke le ho wena khanyeng.
Wena, Jesu fela, …
About this hymn
Sefela 395, “Wena Jesu Wena Fela”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 12 stanzas and opens with the line “1. Wena, Jesu, wena fela,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 392Morena Ka Ya Ratehang
- 393Seforo Ke Se Fumane
- 394Pholosa Ntate
- 396Dumela Bethel Wa Rona
- 397Lefifing La Mahlomola
- 398O Baeti Ba Hlahlathang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play