Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 392

Morena Ka Ya Ratehang

100%

1. Moren'a ka ya ratehang, Ya nthotseng ke le lefela, Jesu, o motle hakaakang! Ke mange a tshwanang le wena?

2. Ke makalla mangeloi, Bongata, botle ba 'ona, A re fahla ka lesedi, Empa h'a eo ya kang wena.

3. Le lerung la ba hloekileng, Ba hlomphehang ba rateha, Ba mabitso a tumileng, Le teng h'a eo ya kang wena.

4. Ho 'na e ka dinaledi, Lefifing ba ka phatsima; Empa wena, o letsatsi; Jesu, h'a eo ya kang wena.

5. Na ke tla o bolela jwang, Ke re'ng ha ke o rorisa? O, bowena ke bo ntlhollang; Jesu, h'a eo ya kang wena.

6. Jwale le ka ho sa feleng, Ho o boha ke ho phela. Lehodimong le lefatsheng, Jesu, h'a eo ya kang wena.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play