Le Chabile
1. Le chabile, le chabile Letsatsi le letle; Ke letsatsi la phomolo, La khotso, la thabo. O, le monate hakaakang, Tsatsi lena le ratehang! Thabang bohle: le chabile Letsatsi le letle.
Le chabile, le chabile Letsatsi le letle; Ke letsatsi la phomolo, La khotso, la thabo.
2. Le chabile, le chabile Letsatsi le letle: Le hlakole mofufutso, Le dule ka khotso. Le lebale tsa lefatshe, Pelaelo, ditsietsi. Le ikhutseng, le thabele Letsatsi le letle.
Le chabile, le chabile, …
3. Le chabile, le chabile Letsatsi le letle: Itokiseng ka monyaka Ho ya ho Morena; Ho mo fapha ka dithoko, Ntat'a lona ya lerato. Le se tswafe, le chabile Letsatsi le letle
Le chabile, le chabile, …
4. Le chabile, le chabile Letsatsi le letle: E, re tla dula kajeno Maotong a Jesu Ntate, buisa ngwan'a hao, Ka tsa mosa, tsa mohau. O, mong'a ka, se ntebale Ka tsatsi le letle.
Le chabile, le chabile, …
5. Le leng le teng le kapele, Letsatsi le letle, La phomolo e sa feleng. La khotso e tletseng. Ho ya kang 'na, ya khathalang, Na nyakallo e tla ba jwang, Ha ke bona ho chabile Letsatsi le letle!
Le chabile, le chabile, …
About this hymn
Sefela 390, “Le Chabile”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 10 stanzas and opens with the line “1. Le chabile, le chabile”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 387Ke Tsielehile Ntate
- 388Baratuwa Ba Jesu
- 389Taba Tse Molemo
- 391Mohlomohi Fatsheng Lena
- 392Morena Ka Ya Ratehang
- 393Seforo Ke Se Fumane
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play