Helang Utlwang Mohoo
1. Helang, utlwang, Mohoo wa utlwahala, Ke o tswang kahohle dichabeng; O tla le metse le metsana ka matla. Jo, ho lla ba lefifing: Re hauheleng, thusang; Oho, le tle ho rona, Re batho ba timelang, Re lakatsa ho phela, Re tlisetseng disedi, Sedi la evangedi.
Helang, utlwang, Mohoo o ntse o hola, Chabeng tse hole le haufi. Ba le tshepile lona, Ha ba ntse ba lla. O, phallang, badumedi.
2. Helang, Moren'a lona Wa le laela, Ke thomo ya Jesu, o re: E-eang Mafatsheng 'ohle Le dichabeng kaofela, Ka taba tse phedisang! Leha ho k aba hole, Ho k aba le bodutu, Le bothateng bosele, Le se feleng dipelo. Tieang, ken a le lona, Ka mehla le ka mehla.
Helang hle, lona, Bahlanka ba Morena, Tumisang taba tse molemo; Se khutseng, buang, Le tlerole le lona, Le tumiseng tsa khotso!
3. Ruri, lebitso le Letle la Morena Le tla aparela dichaba; Batho ba kae le kae, maqheku le bana, Bohle bat la le tseba. Ba tla tswa bochabela, Ba tswe bophirimela. Ha ba hlaha Moreneng, Thabo e tla ba kaakang, Mohlang oo ba kopanang Ka khotsong e sa feleng! E, mohlang oo, bat la rorisa Morena, Ka pelo le ka ntoe le leng, Bohle bat la bina sefela se secha, Sa e aba lopolotseng.
About this hymn
Sefela 368, “Helang Utlwang Mohoo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Helang, utlwang,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 365Helang, Chaba Tsa Lefatse
- 366Utlwang Taba Tse Molemo
- 367Helang, Lona Dihwai Tsa Morena
- 369Butle! Bea Pelo Ngwanaka
- 370Ditaba Tse O Imelang
- 371Ba Kae Bakotudi
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play