Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 369

Butle! Bea Pelo Ngwanaka

100%

1. Butle, butle! Bea pelo, ngwan'a ka, Butle, butle! Ha 'e-s'o be nako; Butle! Ke 'na ke tla bona sebaka; Ke ntse ke o disa ka lerato.

2. Butle, butle! Leha o tenehile Ke bothata ba lefatshe lena; Hlolohelo leha e o qetile Butle! o ntse o hopotse ke 'na.

3. Butle, butle! Leha o le hlorehong, U kakasa, o jere boima, Tiisa pelo, o ntse o le sekolong; Butle! o se ke wa ngongoreha.

4. Butle, butle! o sa le mosebetseneng, U beehe, o qadife fela; Ba sa le teng badibe ba timetseng, e-ea, se ke o aba wa khathala.

5. Butle, butle! o san a le ho mpaka, U ke ke wa pakelwa ke e mong: U seemahale sa reko la ka: Paka, ke o inotse timelong.

6. Butle, butle! Bea pelo, ngwan'a ka; Mokhathala, bohloko le dillo Dia feta: ke se ke ya o lata, U be ho 'na, motseng wa phomolo.

About this hymn

Sefela 369, “Butle! Bea Pelo Ngwanaka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line 1. Butle, butle! Bea pelo, ngwan'a ka,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play