Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 366

Utlwang Taba Tse Molemo

100%

1. Utlwang taba tse molemo, Tse re sisimosang pelo. Ke tsa rato la modimo; Utlwang o ratile batho!

Wena, mang le mang Ya ka dumelang, U tla newa bophelo bo sa feleng. (bis)

2. Ha re ntse re ikhantshitse, Re le dira tsa modimo, E, o ikhwahlapaditse Morena wa lehodimo.

Wena, mang le mang…

3. Bathong, har'a mafutsana, Dihlong, bohlokong le tlaleng, O ikentse wabo rona, A rata ba mo hloileng.

Wena, mang le mang…

4. Sefateng se rohakiloeng, A ya betana le lefu; Madi a hae a tsholotsweng A re lefella melato.

Wena, mang le mang…

5. E, lefung a re hloibila, A re ruisa bophelo; E, re se re pholohile, Ke moo re binang topollo.

Wena, mang le mang…

About this hymn

Sefela 366, “Utlwang Taba Tse Molemo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 10 stanzas and opens with the line 1. Utlwang taba tse molemo,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play