Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 371

Ba Kae Bakotudi

100%

1. Ba kae, ba kae bakotudi Har'a lona, badumedi? Kenang tshimong ya morena, Tlong, le kotule le lona. Mabele a butsoitse, A bile a oetse fatshe. Oho, nako ya feta! Mafupu a tswale ditha!

Ya khanyang, leha a le mong, Ho batho ba lahlehileng. Ke naledi lehodimong, E khanyang, e sa dikeleng.

2. O, potlakang badumedi, Leha le se bakotudi; Leha le re le fokotse, Kenang, hle, le khwahlapise. Inamang le thonake diqwapi, e 'ngoe le 'ngoe. Ha le hloka lefupu, Le ka thonaka dihlaku.

Ya khanyang, leha a le mong…

3. Bonang, ke lepotla-potla Ha morena a laela; Hohle bana ba modimo Ba tsoile, ba tseka tshimo. Ha Jesu a hlahloba Mabele a hae dihlaba, 'Me teng le hloka dihlaku, Jo, ho tla ba jwang, ba heso

ya khanyang, leha a le mong…

4. Bonang, tsatsi le sa le teng, Kenang, kenang mosebetseng; Batlang batho ka pheello, Le ba khanne ka cheseho, Ha le ntse le iketla, Jo, badibe ba timela! Ba baholo la bana Ke mabele a morena.

Ya khanyang, leha a le mong…

About this hymn

Sefela 371, “Ba Kae Bakotudi”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line 1. Ba kae, ba kae bakotudi. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play