Helang, Chaba Tsa Lefatse
1. Helang, chaba tsa lefatshe, Puo tsohle le mefuta, Bonang moren'a marena, Rapelang yena a 'notshi.
2. Le itlhahiseng ho yena, Mo sebeletseng ka thabo; Ka dipina tsa nyakallo Le mo roriseng le lona.
3. Le tsebe hoba Jehova Ke yena fela Modimo; Ke yena 'mopi wa rona Le modisa ya molemo.
4. Ke morena ya re busang, Ha a tsieloe ke letho; Re mohlape o aloswang Ka paballo, ka lerato.
5. Kenang ke hona tempeleng, Le mo hlabele dithoko; Ka dipelo tse thabileng Mo hlahisetseng teboho.
6. Tswelang Jehova dipelo, Ka mantswe a phahamileng; O molemo, o mohau, Le 'nete ka ho sa feleng.
About this hymn
Sefela 365, “Helang, Chaba Tsa Lefatse”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Helang, chaba tsa lefatshe,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 362Lentswe La Hao Ke Lebone
- 363Ruri Le Nkhapile Pelo
- 364Ke Tla Kele Fela
- 366Utlwang Taba Tse Molemo
- 367Helang, Lona Dihwai Tsa Morena
- 368Helang Utlwang Mohoo
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play