Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 363

Ruri Le Nkhapile Pelo

100%

1. Ruri le nkapile pelo, Lefatshe le letle lela; Ke utlwa bohloko, ke sela meokho, Ha ke ntse ke le hopola.

Dumelang, ke ya tsamaya, Ke ya lefatsheng lela. Jesu wa mpitsa, ontokisetsa Sebaka sa ho dula.

2. Le 'na ha ke molata teng, Ke ha eso ka sebele, Barutuwa ba teng ke ba ntebeletseng, Ke ba heso, ke metswalle. Dumelang, ke ya tsamaya…

3. Nka ema jwang ka maswabi. Ha ke le pel'a lebitla? Ke eona khoro ya khanya. Dumelang, ke ya tsamaya,…

4. Lefu leha le tshabeha. Ke lengosa le molemo; Ke le tlang ho mpepa tharing ya Morena, Ho nkisa hae ha Modimo. Dumelang, ke ya tsamaya,….

5. Jo 'na 'na, ditaba tsa teng Di ntlholla le mehopolo; Ha Jesu a le teng, ha ke batle tse ding. Ke lona lehlohonolo. Dumelang, ke ya tsamaya,…

6. Nteseng, le 'na ke akofe, Ke roetswe ke hlolohelo. O Jesu, o nthuse, ke fihle ho Ntate, Le 'na ke bone phomolo. Dumelang, ke ya tsamaya,…

About this hymn

Sefela 363, “Ruri Le Nkhapile Pelo”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line 1. Ruri le nkapile pelo,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play