Matšoele a batho bale
1. Matšoele a batho bale Ana a subuhlellana'ng? Ka pheello e kaakale, Na le re, a tsamaela'ng? Utloang ka moo a arabang: Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
2. Jesu eo a tla bathong, Lihlorehong le bohlokong; Likhoahlapa, le lihole, Ba tlisoa, ba thaba bohle, Ha ba utloa ba bolelang: Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
3. O fihlile, o hlahile Eena, Jesu ka sebele; Pel'a menyako ea rona O teng, o rata ho kena. Ka thabo, e-reng le ba bang: Ke Jesu, ke Jesu ea fetang!
4. Helang, lona ba khathetseng, Bonang tšoarelo e tletseng; Le lona lohle, bakhelohi, Bonang, ke eena 'Moloki. Baetsalibe, nyakallang: Ke Jesu, ke Jesu ea fetang.
5. Empa ha le ka mo hana, Rato la hae la le nyonya, Le eena o tla le ila, A hane ha le rapela Leha le lla, ho fetile: Ruri, Jesu o s'a fetile.
About this hymn
Sefela 318, “Matšoele a batho bale”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Matšoele a batho bale”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 315Ha Kele Tjee, Kele Mobe
- 316Jesu O Ntsa Bitsa
- 317Ke mang monyako
- 319Tau di ka lapa
- 320Edisang difahleho
- 321Ke o labalabetse
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play