Edisang difahleho
1. Edisang difahlelo, Jesu watla; Le dule ka tebello, O ya fihla. Oho, le fadimehe, Le rapeleng; Leha a diehile Se otseleng!
O tla re Phutha bohle Mohla a tlang, Baratwa ba 'nga tsohle Mohla a tlang, Re tla ba teng le rona, Mohla a tlang. Re thabele Morena Mohla a tlang.
2. Maosabi le matswalo A tla fela; Re tla hlakola dillo, Ha a fihla. Jo, nka tahwa ke thabo, Ha a hlaha; Ke bine ka nyakallo: Ha ke 'mona.
O tla re phutha bohle…
3. Leeto le bodutu, Le boima; Empa ke na le Jesu: Hoa ntekana. O ntseba mefokolo, Ho wa ha ka; O mosa, o lerato, wa nkhothatsa.
O tla re phutha bohle…
4. Jo, ke mo hlolohetswe, Jesu wa ka; Ke dutse ke tsietswe, Ke labella; Ke wa hae, o nkhethile, 'Me wa nthata; Le 'na ka pelo yohle Ke ya mo rata.
O tla re phutha bohle…
About this hymn
Sefela 320, “Edisang difahleho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line “1. Edisang difahlelo,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 317Ke mang monyako
- 318Matšoele a batho bale
- 319Tau di ka lapa
- 321Ke o labalabetse
- 322He, banyoriloeng, tlong
- 323Ke sikiloe ke Jesu
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play