Ke mang monyako
100%
1. Ke mang, ke mang monyako, Ya kokotang hakalo? Ke moeti, ke Morena, Ya etetseng ho wena. Jo, mohlolo wa lerato! Tsoha, bula monyako!
2. Utlwa, utlwa, ke yena Ya kokotang ka matla: Leha monyako o hana, O nts'a leka ho kena; O sa eme, ke mohlolo. Oho, bula monyako!
3. Leha o diehile, O sa le teng le jwale, Bona madi le maqebq, O balaetswe wena. Ke Jesu, Mor'a Modimo; Mo bulele monyako!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play