Ke o labalabetse
100%
1. Ke o laba-labetse hakaakang! Wa nkhapa pelo le mehopolo; Lebitso la hao, o, Jesu ya ratehang, Ho 'na ke lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo, (bis) Lebitso la hao, o, Jesu ya ratehang, Ho 'na ke lehlohonolo.
2. U sa phela, o na be o shwele, U nthuisitse le 'na bophelo; Ha o nkhopola lehodimong le jwale, Ho 'na ke lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,..
3. U sa boya o kaletse maru, Ka mangeloi le ka phutheho; Ha ke o boha mohlang oo, wena Jesu, Ke tla ba lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,..
4. Ha ke tsebe see ke tla ba sona, Empa ehe, teng ha ho pelaelo; Ha ke o bona, ke tla tshwana le wena, E tla ba lehlohonolo.
Ho 'na ke lehlohonolo,…
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play