Tsohang baena, lebelang
100%
1. Tsohang baena, lebelang Monghadi wa utlwala; Boning Monyadi, lelalang Jesu Kreste o ya tla. (bis)
2. O tla ho busa bakhethwa Ho lokolla phutheho; Mahlakana a tla ajwa A khabisang dihloho. (bis)
3. O se tshabe, mohlatswana O ratiloeng ke Ntate ; Sefapanong sa konyana U khotswe hamonate. (bis)
4. Fatshe ha le o rorela, Ho wena ke thoriso. U hlotse ka ho dumela, ka lerato le tshepo. (bis)
5. Thoko e iswe ho Jesu, tshepo ya ka le matla, Ho lehlohonolo motho Ya mo tshepang ka mehla! (bis)
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play