Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 47

Lona bakhethoa

100%

1. Lona bakhethoa, Tlong, lelalang koana holimo. Tsatsi le lena La Morena, le leholo! Jesu o tla hlaha kapele-pele, Re mo leboheng, Re mo lebelleng, Re se re tla 'mona sebele sa hae. Monghali , tlo kapele! Lona bakhethoa, Tlong, lelalang koana holimo, Tsatsi ke lena La Morena,le leholo!

2. Siu bo ea sa, Joa libe le joa matšoenyeho; Thabang,bakhethoa, Le ea amohela 'muso! Fatše lela le letle, le phatsimang, E be la lona. Ka mehla-mehla; Teng le tla nosoa metsi a kholisang. A liba se phelisang! Siu bo ea sa, Joa libe le joa matšoenyeho; Thabang; bakhethoa Le ea amohela 'moso!

3. Re tla bona teng Bana bohle ba ntat'a rona Ba roetsing phatleng Mahlakana a konyana. Mafutsana teng e tla ba barui, Bafo le bona E be marena, Ho tla ba thabo,khotso, le leseli 'Musong oa Mopholosi Re tla bona teng Bana bohle be ntat'a rona, Ba roetseng phatleng Mahlakana a konyana.

About this hymn

Sefela 47, “Lona bakhethoa”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 3 stanzas and opens with the line 1. Lona bakhethoa,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play