Jesu o khutletse
1. Jesu o Khutletse Ha hae lehodimong; Dira o di hlotse, O kene letlotlong; Re kopaneng le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
2. O butse monyako O hanneng ho rona; Bana ba poloko Ba kena ka oona; Re kopaneng le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
3. O dutse teroneng Khanyeng ya Modimo; O re rapella teng, Re neoe ditulo, Re dule teng le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
4. Jesu o abetswe Mebuso kaofela; Poloko e tlile, E ke ke ya fela; Re kopaneng le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
5. Ya tlileng lefatsheng Ho lopolla batho, A tsejoe dichabeng, Di tloswe melato; Di kopane le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
6. Dira tse mo hanang O tla di fedisa, Empa ba mo ratang O tla ba phedisa; Ba kopane le ba khanyeng Ho tumisa alleluya!
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play