Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 46

Bonang, wa tla, moloki wa batho

100%

1. Bonang , watla, 'Moloki wa batho, O tla pontsheng, a kaletse maru. Mangeloi, letsang diterompeta; Phuthang bafu, Jesu o s'a ya hlaha. Alleluya mahodimong! (bis) Fatshe le tliswa kahlolong. (ter)

2. Ba mabitleng ba tsoha ka matla, Ba lewatleng le bona ba utlwa, Ba tsohela letsatsi la kahlolo, Le tshabeng, la dillo, la bofelo. Thothomelang, bas a lokang, (bis) Pel'a Modimo o phelang. (ter)

3. Chaba di ema pel'a 'Moloki, Dibuka dia phetlwa. Jo, dipaki! Thothomelang, le tshohe Moahludi. Lona bohle ba hanneng Molopoldi. tshohang, tshohang, le ahlolwa (bis) Ke Jesu kreste; Morena! (ter)

4. Na ke bo-mang ba latelang Jesu, Ba robileng ditlamo tsa lefu? Ke ba hlotsoitseng diboko tsa bona, Ba phekotsweng mading a konyana. Ba thabela lehodimo, (bis) Ba se ba filoe bophelo.(ter)

About this hymn

Sefela 46, “Bonang, wa tla, moloki wa batho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Bonang , watla, 'Moloki wa batho,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play