Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 429

Batho Bohle Ba Merabe

100%

1. Batho bohle ba merabe, Ba basweo le ba batsho, Bohle ke baetsadibe, Batho ba melato-lato.

2 Modimo o n'o ngodile Melao pelong tsa bona, Ba e roba eohle-eohle, Ba ikhantshetsa Morena.

3. Jo, ke ba tshwanelang lefu, Ho timela ho sa feleng; Pel'a Moren'e moholo Ha ho ya mong ya lokileng.

4. Empa ho hlahile Jesu, Mor'a Modimo. 'Moloki; A ba lefela melato, Tefong ha tsholoha madi.

5. Sefapanong, ka lerato, A shwa, batho ba 'molaya. A ba qobela dikotlo, Ba dumelang ba pholoha.

About this hymn

Sefela 429, “Batho Bohle Ba Merabe”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Batho bohle ba merabe,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play