Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 427

O Modimo Re Hloreha Hakaakang

100%

1. O Modimo, re hloreha hakaakang, Fatsheng lena ke la mahlomola, Ke bodiba ba dilo tse babang, Ka matsatsi pelo dia babasela. 'Me jwale, qetellong ya motshoenyeho, Ke lefu, moren'a matshabeho

2. Ha o bona re tsherehane pelo, Re tsukutlwa ke ditsokotsane, Tlo, Jesu, re utlwele bohloko! Re tshedise, Morena ya khabane, U laele, difefo di tla fela; Har'a dillo, khotso e tla hlaha.

3. Leha maru, mehodi ya meokho E thibane, 'me e re fifatsa, Chabisa mechaedi ya khotso Dipelong tse ntsho; dia o lakatsa; Le poboding hlahisa tsa nyakallo, Le tetemong, matla a tumelo!

4 A o bokoe, Modimo, Ntat'a rona; U mohau, o re hauhetse. U re bone har'a bodiba boo, U phaletse, 'me o re tshedisitse. Re molwa ke pallo tsa lerato, Re hlapiswa hlekeng sa tumelo.

About this hymn

Sefela 427, “O Modimo Re Hloreha Hakaakang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. O Modimo, re hloreha hakaakang,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play