Na ke Tla Bolokeha Jwang
1. Na ke tla bolokeha jwang Mahlomoleng a makaakale? Jo, ke sekhohola Sa maswabi fela! Ke hatsetse pelo, ke shwele. Ke etse jwang, ke etse jwang? Jo, ke tla bolokeha jwang?
2. Mona see ke se kotutseng Ke mokhathala, ke teneho. Menyaka, metswalle, Tsohle di ntahlile, Ke lecheko har'a dithako. Ke etse jwang, ke etse jwang? Jo, ke tla bolokeha jwang?
3. Bocha le 'na bo ntahlile, Kaa tshwaswa le ke tsa boholo; Jo, ke ne ke lora, Ka fupara moya, Ke setse le tlala le lefu, Ke etse jwang, ke etse jwang? Jo, ke tla bolokeha jwang?
4. Ha ke le tjee, ke le fela, Ke se ke shebana le lefu, tshepo ya hlokeha, Lefatshe le ya ntsheha, Ke oetswe ke fifi le letsho. Ke etse jwang, ke etse jwang? Jo, ke tla bolokeha jwang?
5. O Jesu, ke batla wena, tlo o fodise pelo ya ka! U mpusetse khotso, Lesedi le tshepo: Ke saletswe ke wena fela. Ke etse jwang, ke etse jwang? Jo, ke tla bolokeha jwang?
About this hymn
Sefela 431, “Na ke Tla Bolokeha Jwang”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Na ke tla bolokeha jwang”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 428Nkekeletse Ntate
- 429Batho Bohle Ba Merabe
- 430O, U Tsamaye Leseding
- 432Tsohang Baahi Ba Lesotho
- 433Jesu Mong Aka U Filwe BorenaJesus, my Lord, has been Given The Kingdom
- 434Lefatshe Le Tahang
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play