Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 432

Tsohang Baahi Ba Lesotho

100%

1. Tsohang, baahi ba Lesotho, Ba tsoileng fifing la khale, Ba pholositsoeng ka mohlolo O re makalitseng bohle! Lemohang rato la Molomo, O re ntšitseng har'a lintoa Le botšabehong ba malimo, Lifaqane, bokaota!

Moea, moea oa nete, Moea oa bophelo, Re nchafatse bohle, Re hole ka tumelo.

2. Molimo, re phela ka khotso, Re bile re tsoela pele Ho se kotsi kapa khathatso, Re rute ho se lebale! Hobane ruri ke makalo, Ntsoe la hao ha le tla fihla Le re tlisetsa khatholoho Kao a ba bang mokhathala! Moea, moea oa 'nete, …

3. Re tla sebeletsa Molimo Har'a leru la lipaki; Re bonela mane holimo Ba nchafalitsoeng ka mali, Linatla tsohle tha tumelo Ba-evangeli, pheellang! Ke mang ho rona ea ka khutlang, Ha re beetsoe tse kalo? Moea, moea oa 'nete, …

4. Molimo, totisa tumelo, Re be le moea oa 'nete; Re lokeloe ke khauhelo E neoang ka Jesu Kreste; Re be lipaki tse tsepehang Fatšeng lena la Lesotho Ho se kamoo ho ka senyehang Tlotlo le neiloeng batho. Moea, moea oa 'nete, …

About this hymn

Sefela 432, “Tsohang Baahi Ba Lesotho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Tsohang, baahi ba Lesotho,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play