Morena Ho Etsahale
100%
1. Morena, ho etsahale Ho ratwang ke wena fela; Ha o rena, ho lokile; Laela, ke tla mamela!
2. U robe ho rata ha ka, Ho dikela, ho be sieo; Ha o mpeile mohlanka, Ntlame ka ho rata ha hao!
3. Ke sefofu, ke sethotho, Mothonyana ya fokolang; Ha ke na ho bua letho, Ke wena ya ka ntaelang.
4. Tse molemo, tse ntoketseng, Ho 'na di ntse di ipata; Empa nka belaela ke'ng? Wena, Ntate, wa di tseba.
5. Ntataise, supa tsela. 'Na, che, ha ke sa na taba; Nka fela ka o latela, Ha o ntumella, Morena.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play