Baratuwa Ba Jesu
1. Baratuwa ba Jesu, le duletse'ng fela? Bonang, meriti e se e namile; Haufi letsatsi le se l'ea dikela; Le dudutse'ng fela letsatsi lohle?
Lefatshe lohle ke tshimo eso, Mabele a s'a le matsho. Bakotudi, se tswafeng, Kenang mosebetsing, Le ya bitswa kajeno.
2. Kenang ka potlako, e s'e le bosiu, Nako ya re feta, re se re rakwa; Re itlhahaneleng, re qhitse khororo. Oho, re khothaleng, morena wat la.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…
3. Batlang fatsheng lohle bakhethwa ba Jesu, Le qete dinaha, metse, metsana; Le bitse ba bacha, bana, le maqheku; Tshimong ya morena bang ditema.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…
4. Baromuwa ba bang ba tshetse mawatle, Ba tsoma mafatshe,dihlekehleke; Dipheletsong tsohle ba se ba fihlile, Tshimo ya morena ba se ba e dikile,
Lefatshe lohle ke tshimo eso…
5. Le lona kajeno le hlobohe botswa, Kenang le kotule, khwahlapisisang, Marena, bafo,le bona ba basehla, Bohle ke diqwapi tse qenehelwang.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…
6. Bonang hle mabele a se a senyeha, A hloka matsoho a bakotudi; Rapelang morena, a rome dinatla, Batho ba sebele le dikhothadi.
Lefatshe lohle ke tshimo eso…
About this hymn
Sefela 388, “Baratuwa Ba Jesu”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 12 stanzas and opens with the line “1. Baratuwa ba Jesu, le duletse'ng fela?”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 385Le Faneng
- 386U Tla Nketela Neng?
- 387Ke Tsielehile Ntate
- 389Taba Tse Molemo
- 390Le Chabile
- 391Mohlomohi Fatsheng Lena
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play