Tsohang, emelang Jesu
1. Tsohang, emelang Jesu, Raohang kapele; Yang ka mafolo-folo, Le memiloe bohle. Mokhosi o ntse o lla, Se keng la dieha; Phallang, le e'o hlomela, Ba bang ba le siea.
2. Tsohang, emelang Jesu, Aparang dihlomo; Ka shamatla ya 'nete. Ikhahleng matheka! Evangedi ya khotso E rwaleng maotong; Nkang thebe ya tumelo, Le poloko hlohong!
3. Tsohang, emelang Jesu, Aparang ho loka, Ho phatsime difubeng, Ho fahle le dira. Le letsohong le tshware Lerumo la Moya. Le hlomeletswe ruri: Phallang, le e'o lwana!
4. Tsohang, emelang Jesu; Lesang ho itshepa; Bonatla bo boholo Ke phokolo fela. Tadimang ho Morena, Hlobohang bokwala; Ikhothatseng ka yena, Le lwane ka matla.
5. Ha le emetse Jesu, Dintwa di fedile, Le le maphuphuthela A madi, lerole; 'Me le tla tsokodiswa Ke yena Monghadi; O roka ba kang lona Ba le mehwabadi.
6. E, mohlang oo ke Jesu Ya tla le emela; A le ise Moreneng, Tulong tse hlomphehang. Le bahale ba tswang ntoeng, Le tsejwa ke hona. Busang ka ho sa feleng Le yena Morena!
About this hymn
Sefela 313, “Tsohang, emelang Jesu”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Tsohang, emelang Jesu,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 310Fatsheng la bomadimabe
- 311Tlo hae, tlo hae
- 312Oho, mpolelleng taba
- 314Tlong ho Jesu, le tle kapele
- 315Ha Kele Tjee, Kele Mobe
- 316Jesu O Ntsa Bitsa
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play