Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 312

Oho, mpolelleng taba

100%

1. Oho, mpolelleng taba Ya boholo-holo, E se nang ho tsofala, E ncha le kajeno. O, mpolelleng tsa Jesu, Ha ke batle tse ding; Ke lapetse ho tseba yena ya nthatileng.

Oho, mpolelleng taba Ya khale, ya boholo, E ntle, e ncha ka mehla: Lerato la Jesu.

2. Oho, mpolelleng butle Taba tsa topollo; Le bueng ka sebete; Ke mohlolo-hlo. Se phetseng ho mphetela; Ke ngwan'a lefifing. Oho hle, ke ya babang, Ke ya lahlehileng.

Oho, mpolelleng taba…

3. O, mpolelleng ka mosa Taba tsa lerato; Se tshabeng ho ntshwabisa, Buang ka cheseho! Ha ke le mahlomoleng, Le har'a matswalo, Le khutse tsohle tse ding, Mpolelleng tsa Jesu!

Oho, mpolelleng taba…

4. E, mpolelleng ka matla, Le mohla lefatshe Le nchekelang mamena, Ke sa bone kosti; Mohla ke iketlileng, Le khorong ya lefu; Hohle, ka mehla, phetang Lerato la Jesu!

Oho, mpolelleng taba…

About this hymn

Sefela 312, “Oho, mpolelleng taba”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 8 stanzas and opens with the line 1. Oho, mpolelleng taba. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play