Utloa, morutuoa oa Morena
1. Utloa, morutuoa oa Morena, O bua le wena: O kae eo ke tla mo roma? E-re: U rome 'na
Ke lena lefatshe lohle, Le ahlamile; U ka ea kae le kae, Ho nts'o tletse baetsalibe. U ba utloele bohloko, Ke ba seng ba ea timela U e'o ba bolella Jesu Ea pholosang batho; Ba fele ba bolokehe Ka ho sa feleng!
2. U boletse he, u mohlanka, Oa u roma joale; Kereke ea hae ea u roma, Hammoho le yena. Ke lena lefatshe ...
3. Tsamaea, ngosa la Morena, Ea moo a u romang; U se hlole u reteleha, Hloka se u sitang. Ke lena lefatshe ...
4. Fatshe la heno u le tele, Le baa u ba ratang; Moo u eang, u tla b'u fihlele Bana beno ba bang. Ke lena lefatshe ...
5. Tsatsi la hae mohla le fihlang Jesu a u boke: U tlisitse ba bang leseding, U bile khabane. Ke lena lefatshe ...
About this hymn
Sefela 295, “Utloa, morutuoa oa Morena”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 6 stanzas and opens with the line “1. Utloa, morutuoa oa Morena,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 292Ho phela ho Morena wa ka
- 293Khotso, khotso
- 294Ke na ke tla re'ng
- 296Modimo o mosa
- 297Ho re chabetse kajeno
- 298Tlong, baahi ba Lesotho
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play