Ho re chabetse kajeno
100%
1. Ho re chabetse kajeno Letsatsi le molemo; Re ea khethela Modimo Ntlo ena ea thapelo.
Ho bokoe Modim'oa rona O ratang ho pholosa Baetsadibe kaofela Ka lentsoe la ho phela.
2. Ntlo ena ke ea thapelo, Le ea pina tsa Moea; Ke ea lentsoe la bophelo Le rorisang Jehova. Ho bokoe Modim'oa rona ...
3. A ho tle moetsadibe Ea iponang bokhopo; Ho kene le molumedi, Ea fumaneng tšoarelo. Ho bokoe Modim'oa rona ...
4. Ho khothatsoe ea fokotseng, Ho tshedisoe le ea llang; Ho tsosoe ea tepeletseng. Ho tiisoe ea tenehang! Ho bokoe Modim'oa rona ...
5. Tshebetso e tla sebetsa Tlung ena ka matsatsi E rorise Mong 'a meea: E phethe thato ea hae! Ho bokoe Modim'oa rona ...
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play