Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 292

Ho phela ho Morena wa ka

100%

1. Ho phela ho Morena wa ka, Lekunutung la hae, Ho rutwa ke yena Jesu Ke le maotong a hae, Ha ho lehlohonolo le kang leo, Ha ke bona, La ho utlwa hoba Jesu Ke dintho tsohle ho 'na.

2. Moe'a ka ha o tepeletse Ke dipelaelo, Ke khathaditswe ke ntwa E sa khaotseng ya tumelo, Ke ya mo utlwa a nkhothatsa, Tsebeng e 'nyenyeletsa Tse ntshepisang, tse monate, Tse se nang ho bolelwa.

3. 'Na ke 'molella tsohle tse ntsietsang, Tse ntswabisang. O mamela tsohle ka sebete Se sa ntatiseng, E le motswalle ho 'na Le ka ho senola dibe Tsa ka tsee a di bonang, A ratang hoba di fele.

4. Hoja nka 'na ka phela Le Jesu ka mokhwa ona, Ke ne ke tla 'ne ke fetohe Ya tshwanang le yena, Ka khalalelo, ka boineelo Le boitelo, Ka thabo le ka khotso, Haholo le ka lerato.

About this hymn

Sefela 292, “Ho phela ho Morena wa ka”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Ho phela ho Morena wa ka,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play