Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 298

Tlong, baahi ba Lesotho

100%

1. Tlong, baahi ba Lesotho Tlong ntlong ya thapelo Ho tla rorisa lebitso La Mong'a melemo, Mong'a dipula le maru, Letsatsi le meea, Ya ikhathatsang ka batho Ho ba fepa dijo!

O loketswe ke teboho Modimo ona wa rona; O hl'o bokoe, o roriswe, 'Mabaldi wa rona! Amen! Amen!

2. Efela re sebeditse Masimong a rona; Re lemile, re khobotse, Ra bar a hlahola. Empa re ke ke ra bala Mofufuts'wa rona. Ho sebeditse Morena, Ra kenella fela. O loketse ke teboho, …

3. Jwale disiu di tletse, Re na le nala hae, Re tla ja le ho apara, Re rue ntho tsohle. 'Me le 'ona mofutsana Re a ele hloko, Hoba, ha re a baballa, Re thusa Modimo. O loketse ke teboho, …

4. Re mpa re kopa, Morena, Re re, o re rute Hore re se bee pelo Ruong la lefatshe. Dintho tsohle dia feta Tsa lefatshe lena; Re rue, e sa le jwale, Tse se nang ho fela! O loketse ke teboho, …

About this hymn

Sefela 298, “Tlong, baahi ba Lesotho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Tlong, baahi ba Lesotho. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play