Jesu ke tla ke hlomohile
1. Jesu ke tla ke hlomohile, Oho, nchebe ka mosa! Ke ditshila, o di hlakole; Ke bohloko, o mphodise.
2. Otlolla he letsoho lela Le neng le ntlhabelo khale; Ama pelo ya ka lona, Leqeba la ka le fole.
3. Ke tlile ke ikokobetsa Ke lentswe lena la pallo, Le reng ho 'na: Ha o khathetse, Tlo, ke tla o fa phomolo.
4. Jesu, ke tshepa wena fela, Ha ho o mong ya ka nthusang; Ha o sa ntlel , ke tla fela, Utlwa ngwana hao wa ya llang!
5. Bona, ha ke sa ntse ke bitsa, Ka khotso o s'u nchabetse; Di kae be tse neng di ntedisa? Jesu, ahe, o nthusitse!
About this hymn
Sefela 262, “Jesu ke tla ke hlomohile”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line “1. Jesu ke tla ke hlomohile,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 259Monghadi wa ka, ke tsietswe
- 260Mohau wa morena Jesu
- 261Morena, ka letsatsi lena
- 263E sa le ho qaleng o nthatile
- 264Hoja ke se na wenaIf I am without You
- 265Jesu Moren'a ka, ke re
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play