Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 265

Jesu Moren'a ka, ke re

100%

1. Jesu, Moren'a ka, ke re, o nkatamele, Ke ntse ke o llela, ke le mahlomoleng! Tlo ka matshediso, tlo, wena, ka sebele, Oka pelo ya ka ee o e hlebileng!

2. Leha o nchapile, wa nkotla habohloko Ke ntse ke o tseba hoba o mohau; Thupaa ke ya ya ka, o ntaya ka lereko, U tl'u mphe kabelo khalalelong ya hao,

3. Hlohonolofatsa haholo kotlo tsena, Di sebetse tsohle tsee o di hopotseng; Ho 'na e be peo e beang ditholwana Tsa pako, tsa khotso, tsa rato le letleseng.

4. Ha ke sa le mona, o ntiise hle, ke phethe Mosebetsi oohle oo ke o abetsweng; Ke 'ne ke bontshe ba lefifing, ke ba rute Rato le leholo lee o ba ratileng.

5. Nke ke ka khathala, e se e tla ba nako; Mong'a rona, o se o tla bonahala! Ke'ng, leha lefatsheng nka jala ka meokho? Thabong e sa feleng ke tla ya kotula.

About this hymn

Sefela 265, “Jesu Moren'a ka, ke re”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 5 stanzas and opens with the line 1. Jesu, Moren'a ka, ke re, o nkatamele,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play