Morena, ka letsatsi lena
1. Morena, ka letsatsi lena, U k'u sheba ka mohau Bana ba hao ba tlileng mona Ho khethelwa bitso la hao. (bis)
2. Ba tlil'o ikana ka wena, Ka wena e aba ratileng; See ba se etsang fatsheng lena Se tiiswe ke wena khanyeng. (bis)
3. Rona re tshela ba ka metsi, Rona, re ba tshwaya phatleng; Wena Jesu, ba ko;obetse Ka Moya o khethehileng. (bis)
4. U ngole mabitso a bona, Bukeng ya hao, legodimong, Ba tle ba emeloeke wena Mohla ba emang kahlolong. (bis)
5. Oho, hlomelle pelo, Morena, Ba fe lerumo le thebe, Ba ke ba re tlatse ntoeng ena E re e lwanang le dibe! (bis)
6. Jesu, ba sa o lebeletse Ka hlolohelo e kholo; U ba tlele, o ba khothatse, Ba futhumatswe dipelo. (bis)
Ha re sa ntse re phuthehile, Utlwa thapelo ya bona; Ba tlohe mona ba thabie, Ba tlohe ba na le wena. (bis)
About this hymn
Sefela 261, “Morena, ka letsatsi lena”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Morena, ka letsatsi lena,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 258Hosanna, hosanna!
- 259Monghadi wa ka, ke tsietswe
- 260Mohau wa morena Jesu
- 262Jesu ke tla ke hlomohile
- 263E sa le ho qaleng o nthatile
- 264Hoja ke se na wenaIf I am without You
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play