Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 248

Helang, Lona Ba Tepeletseng

100%

1. Helang, lona, ba tepeletseng, Bohle ba pelo di khathetseng, Ba tlamilweng ke lefatshe, Tlong metsing nna a hlaphollo, A kwellang dibeng sa topollo, Le tl'o khodiswa ka 'nete! (bis)

2. Ha esale le ntse le hlora Lefatsheng, le se na ho khora Ke thabo e sa iseng kae; Khutlang, le siee tsa bohlola; Modimo, o re, wa le thola; Le tla hana ho le hokae? (bis)

3. 'Moloki eo re mo baletsweng, Na a ka phoma ba memetsweng Moketeng wa lehodimo? Ha a tshwane le rona batho, Dithoto tse sa tsebeng letho Le fodisang, le molemo. (bis)

4. O, holane le ya mo tseba, Hola la bona h'a le sheba Ka mahlo a qenehelo, Pelo di ne di tla hahoha, Tlama tsa lona tsa khaoha, La bowelana le Jesu. (bis)

About this hymn

Sefela 248, “Helang, Lona Ba Tepeletseng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line 1. Helang, lona, ba tepeletseng,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play