Nahathotheng Moo Ke Ntseng
1. Nahathotheng, moo ke ntseng ke lelera, Ke hopotse motseng wa tokiso; Ha ke tshabe tshwenyo le ho khathala, Hona lefa la ka le nkemetse. {bis}
2. Mon-topodi, wena, tshepo ya batho, U ntjarise phahlo tse nkimelang; Motshehare, o nketsetse lesoiti; Bosiu, lala o mponeseditse!
3. Hosasa, letsoho la hao, Morena, Le ke 'ne le mphepe ka bohobe; Mantsiboya o ntlose pelaelo, U nthobatse roko bo monate!
4. Lefika la ka, metsi a khauhelo A kwelle ho wena, a nkhodise; Matla a moya a 'ne a nkhothatse, Pelo ya ka e se ke ya seba! {bis}
5. Ha ke longwa ke noha ya Satane, Ke bolawa ke lefu la dibe, Ke lelatse mahlo a ka a matsho Sefapanong, ke bone phodiso!{bis}
6. Mohla ho tlang qetello ya leeto, Ke bonelang phomolo haufi, Areka ya selekane sa hao E mpoloke, Jordane e tletse!
7. Jo, fatshe la heso, fatshe la pallo! Pelo e o dumedisa hole; Ke pheela ke ntse ke hlolohetswe, Ho fihlela ke be ke o kena.
About this hymn
Sefela 245, “Nahathotheng Moo Ke Ntseng”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line “1. Nahathotheng, moo ke ntseng ke lelera,”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 242Modimo Re Felehetse
- 243Se 'Makatsang
- 244Latelang Modisa
- 246Wa Hlaha O Jesu
- 247Jehova Modimo Ke Ngosa Kgaugelo
- 248Helang, Lona Ba Tepeletseng
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play