Ke Wang Basotho
1. Ke wa'ng, Basotho, Mokhosi O llang lefatsheng la lona, O reng: Sokolohang? {bis} Ke mokhosi wa Modimo, Morena ya matla 'ohle; O tla a tshoere khalefo; Tshabang, le mo khumamele!
2 Utlwang, Basotho, mokhosi: Ke wa ditshiu tse seng kae, O re: Sokolohang! {bis} Tshabang, letsatsi le ya tla ; La tseko le la kahlolo; Bohle ba hanneng ho baka, Ba tla hlokiswa bophelo.
3. Utlwang, Basotho, mokhosi: O hlabelwang batho bohle, Ya reng a hloke molato, A balehele ho Jesu; Ke tshabelo sa sebele, Ka ntle ho eena ke lefu.
4. Bakreste, hlabang mokhosi Ka bophara ba lefatshe, Le re: Sokolohang! {bis} E-bang sedi la lefatshe. Ba bone Jesu ka lona; Ho lelekiswe lefifi, Hohle e be khanya fela!
About this hymn
Sefela 249, “Ke Wang Basotho”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 4 stanzas and opens with the line “1. Ke wa'ng, Basotho, Mokhosi”. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.
Related hymns
More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.
- 246Wa Hlaha O Jesu
- 247Jehova Modimo Ke Ngosa Kgaugelo
- 248Helang, Lona Ba Tepeletseng
- 250Faphang Jesu ka dithokoProclaim Jesus with hymns
- 251Jerusalema e mochaNew Jerusalem
- 252Mpolelleng! Na lehodimong
Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.
Take the hymns with you
Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.
Get it on Google Play