Difela Tsa SioneLifela Tsa Sione - Hymns
All hymns
Sefela 222

Lala Ho Nna

100%

1. Lala ho'na, shwelane e wele, Meriti ya bosiu ke ena; Ba neng ba nthusa ba tsamaile; Wena, Morena, tlo lala ho 'na!

2. Tshiu tsa Ka di feta kapele; Thabo le khanya ea fatshe lena Tsohle dia senyeha, di timele; Wena ya sa feteng, lala ho 'na!

3. Ha ke batle chadimo ya mahlo, Ke lakatsa ho ba moratuoa Ke tlwaelane le rato la hao; Se fapohele, tlo, lala ho 'na!

4. Se tle ka botshabeho, Morena Tlo ka mosa, tlo ka matshediso; Tlosa dibe tsee ke llang ka tsona; Thuso e aba sitwang, lala ho 'na!

5. Ke u lakatsa ka nako tsohle; Matla a hao a fenya Satane; Ha ho motho ya jwale ka wena, Thabong le bohlokong, lala ho 'na

6. Ha u le teng, ke tleloa ke matla, Le mahlomola ha a sa baba, Ha ke tshohe lefu le lebitla; Ke di hlotse, ha u lala ho 'na!

7. Mohla ke orohang, O nkhothatse; Khanya lefifing, u mpontshe tsela, Botsho bo se, sedi le nchabele; Lehodimong, u ntse u na le 'na.

About this hymn

Sefela 222, “Lala Ho Nna”, is one of the 449 hymns in Difela Tsa Sione (Lifela Tsa Sione), the Sesotho hymns of Zion sung by Basotho congregations in Lesotho and South Africa. It is made up of 7 stanzas and opens with the line 1. Lala ho'na, shwelane e wele,. It is shown here in its original Sesotho. You can adjust the text size above for comfortable reading or singing. This hymn is free to read online and is often sung at church services, weddings, funerals, and family prayers.

Related hymns

More hymns from Difela Tsa Sione you may want to read next.

Looking for a particular hymn? Browse or search all 449 hymns.

Take the hymns with you

Read all 449+ hymns offline, bookmark your favourites, and more in the free app.

Get it on Google Play